TSHEBELETSO YA LESEDI FM E KETEKA DILEMO TSE 63

Selemong sena Tshebeletso ya Lesedi e keteka dilemo tse 63, mme ena ke phihlello e kgolo paleng ya kgaso. Monongwaha re hopola moo re tswang teng ho tloha ka 1960 re le Radio Sesotho, ra fetohela ho Sesotho Stereo ka 1994, ho fihlela re ba Lesedi FM ka 1998.  Lepetjo la rona e bile Boithabiso, Lesedi kamehla ho fihlela re ba tshebeletso e llelwang ke bohle, Ke Mollelwa ka 2016.  Lesedi FM haesale le ipabola ka hoba hara diayalemoya tse 5 tse ka sehlohong tsa SABC tse nang le bamamedi ba bangata ka ho fetisisa le ho bokelletsa matlole ho tlisa botsitso le boikemelo. Tshebeletso ena e ikgantsha ka dibohudi tse hlwahlwa tse hapileng dikgau tse ngata mekgahlelong e fapaneng e leng se tlisitseng tshepo le kananelo hara bamamedi. E nngwe ya dikatleho tsa bohlokwa  e bile hore kgetlo la pele botsamaisi ba tshelebeletso bo etelletswe pele ke Basadi feela ka 2020 ho bontsha bokgoni le boiphihlello ba bona.

 

Kgaso ena ya setjhaba e keteka ka tsela e ikgethang ho hopola le ho tlotla diqhoku tsa tshebeletso ena ka la 30 Phupjane 2023. Dikakapa tsena ke tsona tse betlileng tsela, ho bapatsa  le ho boloka puo le meetlo ya Basotho bakeng sa meloko e tlang.

 

Jwalo ka kgaso ya setjhaba ke boikarabelo ba rona ho tlisa phetoho bophelong ba baahi ka ho fana ka dikeletso le maele mananeong a rona a fapaneng ka tsela ya thuto, lesedi le boithabiso. Mananeo a rona a netefatsa hore re thusa setjhaba ho rarolla mathata a sona, ao se tobanang le ona letsatsi le letsatsi ka ho mema ditsebi ho arolelana tsebo e le ho fetola maemo a bona a bophelo. Re bile le kabelo  matsholong a mangata a kang ho fana ka matlo, dijo le diaparo, di-computer le di-bursary tekong ya ho ba imolla maqakabetsing a bona. Re ikotla sefuba ka hoba sealemoya se ratwang ke bohle ba buang le ho utlwisisa puo ya Sesotho.